MEUTLOA

Sepheo sa ka mona ke ngola lipale tse monate, tse ka hlabollang,
tse rutang le ho hlokomelisa motho ka lintho tse ling tseo
mohlomong a ka nahanang hore ha se li ‘nete. Ke motho ea ratang
ho qoqela batho lipale tse monate, le ho liqapa, kebe ke li behe ka
tsela eo motho a kekeng a batla ho tloha pelaka, ka Sesotho se
monate se nang le tlotlo-ntsoe. Morero entse e le ho boloka puo
ho isa molokong otlang.
Buka ena ke ea lipale-khutšoe, tseo tsona li tšetseng litaba tsa
lerato le tebileng, lithloriso tse bohloko-hloko, ho lahleheloa ke
tšepo, mahlomola a bophelo, bohloko ba lefu, bohloko ba ho hloka
batsoali, ho lahloa ke beng ka oena, le litaba tse ling tse monate
tseo ‘mali aka thabelang ho li utloa ka leleme la Sesotho. Ho
boetse hona le litaba tseo Basotho ba tummeng ka tsona tseo ha
ngata ho sa buoeng ka tsona eleng boloi, lithokolosi le ho hlorisa
batho ba boloi leho sebelisa liphoofolo le linonyana ho loea.

66.64

Share

About author

ke mohlankana oa Mosotho ea holetseng leho hlahela seterekeng sa Thaba-tseka Mashai motseng o bitsoang ha Tjope Linakeng. Batsoali ba hae ba ile ba arohana a le lilemo li ‘ne, eaba o sala a holisoa ke ‘me’ oa hae, eo eena a ileng a biletsoa ka balimong ha a le lilemo li leshome. A tsamaea a sia mora le morali ea monyane haholo mahlomoleng, bana ba fetoha mekopakopa ea eba lipapatlele naheng. Molimo ha lahle motho, sekolo o ile a sekena a uthusoa ke nkhono oa hae, koana ene ele motho ea hloho e bonolo. Bophelo ba hae ebile bophelo ba lihase bo mahlonoko, bo meutloa. O qetelletse a fihlile sekolong sa thuto e phahameng ka mora ho nka lilemo tse hlano a lutse hae. O na lengolo la (degree) lithutong tsa li baesekopo le sea-le-moea pono (film production and television). O boetse o bapala li papali tsa kalaneneng, e bile ke mosupisi (director). Ntle le boqapi bah ae lipale tse ka hara ena ke li ‘nete tseo a fetileng ka hara tsona, tseo li etsahetseng ho bana babo le batho
ba haufi le eena, ruri bophelo bo meutloa, e lula e hlaba ha bohloko letsatsi le letsatsi

Reviews

There are no reviews yet.

Only logged in customers who have purchased this book may leave a review.

Hello again!

We use cookies to ensure you get the best experience on our website. cookie policy